Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:33 - BIBELE

33 Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sa Iseraele se hateletswe, esita le sona setjhaba sa Juda. Bathopi ba sona ba se tshwere ka thata, ba hana ho se lokolla hore se tsamaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bana ba Iseraele le bana ba Juda ba ile ba tujwa hammoho, bohle ba ba isitseng kgolehong ba ba tiiseditse matla, ba hana ho ba lesela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:33
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!”


Haeba o hana ho se lokolla, bona, ke tla otla naha yohle ka dihohwana.


yena monna ya ileng a fetola lefatshe nahathothe, yena ya ileng a timetsa metse ya lona, yena ya sa kang a dumella bathopuwa, ho kgutlela ha habo bona?’


“Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka, ka hlompholla lefa la ka; ka neelana ka sona matsohong a hao, mme wena wa se hlokela mohau. Esita le maqheku ao e se le mobu, wa a belesa joko e boimahadi.


Ke tla se bea matsohong a batubi ba hao, bona ba ileng ba re ho wena: ‘Paqama fatshe, re tle re o tsamaye hodimo!’ Wa etsa hore mokokotlo wa hao o ke lefatshe, o ke mmila oo ho tsamauwang ho wona.”


“Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.


Bana ba bona ba tla tshwana le mehleng ya kgale, tjhaba sa bona se tsitse ke ntse ke se bona; bahatelli ba bona bohle ke tla ba otla.


Bohle ba se fumanang ba itjella sona, dira tsa sona tsa re: ‘Rona ha re na molato, hoba se sitetswe Morena, e leng kgulo la sona la sebele, Morena, yena tshepo ya bo-ntata sona.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ