Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:28 - BIBELE

28 “Mamelang babalehi ba phonyohileng Babilona, ba phatlalatsa Sione hore Morena o a iphetetsa, Morena Modimo wa rona, o a phetetsa, o phetetsa Tempele ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:28
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.”


Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang.


“Lona tjhaba sa ka, tswang motseng oo, motho ka mong a ke a ipholose, a balehe kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.


“Bohle balehang naheng ya Babilona! Se timetsweng ka baka la bokgopo ba yona! Nako ena ke ya hore Morena a iphetetse, a putse Babilona ka mokgwa o phethehileng.


Sera se nanabeditse letsoho la sona, sa le nanabetsa, sa nka maruo wohle a yona; Jerusalema e bone baditjhaba ba kena, ba kena ka Sehalalelong sa yona, bona bao o neng o laetse, o itse ba se kene phuthehong ya hao.


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona.


Ke tla leotsa sabole ya ka ya lebenyane, ke tshware kahlolo ka letsohong la ka, ke iphetetse ho dira tsa ka, ba ntlhoileng ke ba buseletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ