Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:15 - BIBELE

15 Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:15
44 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone.


Le se ke la satalatsa melala ya lona jwaloka bo-ntata lona, le ineele Morena, le kene ka Sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng kamehla yohle. Sebeletsang Morena Modimo wa lona, e le hore kgalefo ya hae e tlokomang e tle e le fapohe.


ba tle ba iphetetse ho baditjhaba, ba dihele kotlo hodima merabe;


Morena, wena Modimo ya phetetsang, ako iponahatse, wena Modimo ya phetetsang.


Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae.


O tla ba putsa ho ya ka diketso tsa bona, a halefele dira tsa hae a be a di otle, ba dihlekehlekeng a ba nee moputso wa bona.


ho phatlalatsa selemo sa Morena, lemo sa mehauhelo, le letsatsi la phetetso ya Morena wa rona, le ho tshedisa bohle ba leng bofifing;


Ke hopotse tsatsi leo ke tla iphetetsa ka lona, lemo sa topollo le sona se se se fihlile.


Lena ke tsatsi la Morena, Modimo wa mabotho, tsatsi la boiphetetso, ho dira tsa hae; sabole e tla bolaya ho fihlela madi a kganathetse, e bolaye ho fihlela madi a e tahile. Morena Modimo wa mabotho, o tla etsa sehlabelo, a se etse naheng e ka leboya ho Euferatese.


“Lona bohle ba fulang ka diqha, theang theko, le potapote Babilona, le e fule, ho se be le motsu o salang, hobane Babilona e sitetswe Morena.


Morena o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, hlomo tsa kgalefo ya hae a di ntsha. Morena Modimo wa mabotho, o na le mosebetsi, mosebetsi oo a o etsang naheng ya Babilona.


Jwaloka tau e tswang morung wa Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Babilona e tla lelekwa! Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


“Tjhorisang metsu, le nke dithebe tsa lona, Morena o phepheditse kgosi tsa Bamede di halefile, sepheo sa hae ke ho timetsa Babilona. Bona ke bona boiphetetso, boiphetetso ba Morena, ke ho phetetsa le Tempele ya hae.


Morena wa mabotho o se a ikanne: Ke tla tlatsa batho hara naha ya hao, bongata ba bona bo lekane le ba ditsie; ba tla o hlabela mekgosi ya ho o hlola.”


“Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.


“Wena thaba e timetsang ke a o lwantsha, wena ya timetsang lefatshe lohle,” ho rialo Morena. “Ke tla o nanabela ka letsoho la ka, ke o thete, o wele, ke o dihele ka dilomong, ke o tshwantshe le thaba e le lehoko.


Bahlabani ba Babilona ba kgaoditse ho lwana, ba haneletse ka diqhobosheaneng tsa bona! Sebete sa bona se se se fedile, ba se ba itshwanela le basadi feela. Diahelo tsa Babilona di tjhesitswe ka mollo, mekwallo ya dikgoro tsa yona e robilwe.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Bona, ke tla o buella ke be ke o phetetse, mehlodi ya metsi a Babilona ke tla e pshesa, didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa.


Ke tla otla Bele, modingwana wa Babilona, tseo a di metsitseng ke mo hlatsise tsona. Tjhaba ha di sa tla hlola di mathela ho yena, marako a Babilona a tla heleha.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Rako le leholo la Babilona le tla heletswa, kgoro tsa yona tse phahameng di tjheswe ka mollo; setjhaba sena se sebeleditse lelea, mesebetsi ya sona e fella malakabeng!”


“Bohle balehang naheng ya Babilona! Se timetsweng ka baka la bokgopo ba yona! Nako ena ke ya hore Morena a iphetetse, a putse Babilona ka mokgwa o phethehileng.


Jwale o re: ‘Ka mokgwa o tjena, Babilona e tla teba, e ke ke ya hlola e bitoha hape, ka baka la koduwa eo ke tla e dihela hodima yona. Baahi ba yona ba tla kgathala.’ ” Mantswe a Jeremia a fella mona.


Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe.


O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.


Motsu o ka letsohong la yona le letona o tla supa Jerusalema, moo kgosi e tla isa ditshetlo teng, e laele hore ho bolawe, ho hlajwe mokgosi wa ntwa, ho bewe ditshetlo dikgorong tsa motse, ho hahwe marako, ho etsetswe motse thibella.


Morena ke Modimo ya boulelang, Morena ya phetetsang, Morena o a phetetsa, o tletse kgalefo; Morena o iphetetsa ho ba mo lwantshang, kgalefo ya hae e tlokela dira tsa hae.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


hobane ke wona matsatsi a phetetso, ho tle ho phethahale tsohle tse ngotsweng.


Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.


Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho.


Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.


Ke tla leotsa sabole ya ka ya lebenyane, ke tshware kahlolo ka letsohong la ka, ke iphetetse ho dira tsa ka, ba ntlhoileng ke ba buseletse.


“Lona mahodimo thoholetsang le yena; o phetetsa madi a bahlanka ba hae, o buseletsa ba mo hloileng. O tshwarelwa tjhaba sa hae le naha ya sona.”


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo.


Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.”


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


E etseng jwalokaha le yona e le entse; le e buseletse habedi ho ya ka mesebetsi ya yona. E qhatsetseng habedi senwelong seo e le qhatseditseng ho sona.


hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”


Samuele a re: “Jwalokaha sabole ya hao e ile ya bolaela basadi bana ba bona, hara basadi bao, mmao le yena o tla bolaelwa ngwana.” Samuele a kgabelaka Akake dikotwana, moo Morena a ntseng a bona, a le Gilegale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ