Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:13 - BIBELE

13 Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka bohale bo tjhesang ba Jehova ha a sa tla ahuwa, mme e tla nne e be lefeella kahohle; e mong le e mong ya tla feta ka Babilona o tla makala, a some ka dikotsi kaofela tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.”


Naha ya sona se e fetotse nanaola, e fetohile sekgobo sa mehla yohle, bo-mofeta-ka-tsela ba ye ba e makalle, hlooho tsa bona ba be ba di thukuthe.


Metse ena ke tla e senya e be sebonwang-se-bonwake-bohle; bo-mofeta-ka-tsela ba tla makala, ba thukuthe dihlooho ka baka la koduwa eo.


“ ‘Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle,’ ho rialo Morena.


Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.”


“Edomo e tla fetoha nanaola, bo-mofeta-ka-tsela ba e makalle, e fotohe sekgobo sa kamehla yohle, ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona.


Tjhaba se tswang leboya se tla e futuhela, se fetole naha ya Babilona e be nanaola. Ha ho na ya tla phela ho yona, ho tla baleha batho le diphoofolo.”


Lejwe la mantlha le ke ke la nkuwa ho wena, kapa lona lejwa la ho etsa motheo, hobane o tla fetoha nanaola kamehla yohle,” ho rialo Morena.


Lefatshe le a reketla, le a meneka, Morena o tsitsisitse morero wa hae wa Babilona, morero wa hore naha ya Babilona a e falatse, a e falatse ho se be ya ka phelang ho yona.


Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona.


Jwale wena o re: ‘Oho, Morena, o itse o tla timetsa sebaka sena, e le hore ho se be motho ya ka phelang ho sona, kapa phoofolo, se tle se fetohe nanaola ya kamehla yohle.’


Bahwebi ba matjhaba ba o nyekoletsa melomo; pheletso ya hao ruri e a tshabeha, ha o sa tla ba teng kamehla yohle!’ ”


Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!


feela ke mpa ke halefile haholo, ke halefetse baditjhaba ba iketlileng, hobane eitse ha ke ne ke halefile hanyenyane, yaba ba eketsa matshwenyeho a lona.’


“Meloko e tlang, e leng ditloholo tsa lona tse tla tswalwa, le mojaki ya tswang naheng e hole, ba tla bona diwa tsa naha ena, le malwetse a yona, ao Morena a e otlang ka wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ