Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 5:27 - BIBELE

27 Jwalokaha serobe se ye se tlale dinonyana, matlo a bona le wona a tletse thetso, kahoo ba a matlafala, leruo la bona le ate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Matlo a bona a tletse boshodu, jwaloka serojana se tletseng dinonyana; ke moo ba ikgodisang, mme ba fumile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 5:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.


Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Ke ka baka lang ha tjhaba see se kgelohile? Keng ha baahi ba Jerusalema ba kgeloha kamehla? Ba kgomaretse leshano, ba hana ho kgutla mekgweng ya bona.


O phela hara batho ba buang leshano, shano la bona le etsa hore ba se ntsebe,” ho rialo Morena.


Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o ne o le naheng ya Egepeta; ke tla etsa hore o boele o phele ditenteng, o phele teng sa mohla mekete e halalelang.


Baahi ba Marote ba lebeletse ho lopollwa, hoba Morena o ba dihetse koduwa, a e diha, ya ya fihla le kgorong ya Jerusalema.


Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle ba sa hateng kosene ya monyako, ke otle ba tlatsang ntlo ya mong bona, ba e tlatse ka tse hapilweng ka dikgoka, ba e tlatse ka tse hapilweng ka bolotsana.


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ