Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 49:36 - BIBELE

36 Ke tla ba pepetla ka meya e hlaha hohle, e hlaha qoleng tse nne tsa lefatshe. Ke tla ba qhalanyetsa qoleng tse nne tsa lefatshe, ha ho na le setjhaba le se seng seo baphaphathehi ba Elame ba sa tlo fihla ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ke tla hlahisetsa Elame meya e mene e tswang ntlheng tse nne tsa lehodimo, ke ba hasanyetse meyeng eo yohle, ho tle ho se be setjhaba seo bajaki ba Elame ba sa fihleng ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 49:36
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tsosa marako a Jerusalema, o phutha Baiseraele ba neng ba lelekilwe.


O tla emisetsa ditjhaba mokgele, a phuthe Baiseraele ba lelekilweng naheng ya bona; a bokelle setjhaba sa Juda se qhalantsweng, a se bokelle hohle qoleng tse nne tsa lefatshe.


Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.


Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.”


Ke tla o phekola, ke fodise maqeba a hao,” ho rialo Morena, “hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa, ba re: Ena ke Sione e sa natsweng ke motho.”


“Kamele tsa sona e tla ba lelobelo, mehlape ya sona e mengata e tla hapuwa. Ba bakeng tse hole ke tla ba qhalanyetsa hohle, ke ba dihele koduwa ka mahlakore wohle,” ho rialo Morena.


Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.


Karolo e nngwe ya dikarolo tse tharo tsa setjhaba sa hao, e tla bolawa ke lefu la sewa le ke sekoboto; karolo ya bobedi e bolawe ka sabole kathoko ho marako a hao, mme karolo ya boraro e qhalanele hohle lefatsheng, e phaladiswa ka sabole.


Ha e se e phahame, mmuso wa yona o tla wa, o arolwe dikarolo tse nne. Dikgosi tseo e seng ditloholo tsa kgosi eo di tla busa tulong tsa yona, hobane mmuso wa yona o tla fediswa, o newe dikgosi disele, empa di ke ke tsa eba le matla ao e neng e busa ka wona.


Manaka a mane a ileng a mela ha leo la pele le robeha, a tshwantsha mebuso e tla thewa hara setjhaba seo, empa mebuso eo e ke ke ya eba matla jwaloka mmuso wa pele.


Ka baka leo, phooko ya ikgohomosa haholo, empa ha matla a yona a ntse a eketseha, lenaka la yona le mophekapheka la robeha, yaba bakeng sa lona ho mela manaka a mang a mane, a mephekapheka, a shebileng diqoleng tse nne tse lefatshe.


“Nna ke tla fela ke etse taelo, ntlo ya Iseraele ke e hlokole, ke e hlokole hara ditjhaba tsohle, ke e hlokole sa koro e hlokolwa ka sefe, empa ho se thollo le e nngwe e welang fatshe.


Lengeloi la nkaraba, la re: “Ena ke meya e mene ya lehodimo, e tswang kapele ho Morena wa lefatshe lohle.


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


Morena o tla le qhalakanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, mme hona moo le tla sebeletsa medimo e meng, eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba, e leng ya lehong le ya lejwe.


Kamorao ho tsena ka bona mangeloi a mane a eme diqoleng tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e mene ya lefatshe, e le hore ho tle ho se be moya o fokang lefatsheng, kapa lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ