Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 49:32 - BIBELE

32 “Kamele tsa sona e tla ba lelobelo, mehlape ya sona e mengata e tla hapuwa. Ba bakeng tse hole ke tla ba qhalanyetsa hohle, ke ba dihele koduwa ka mahlakore wohle,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Dikamele tsa bona di tla hapuwa, mehlape e mengata ya bona e tlatlapuwe; mme ke tla ba hasanyetsa meyeng yohle, bona ba beolang hlafunelo, ke ba hlahisetse dikotsi ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 49:32
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Dedane, le Tema, le Buse, le tsohle tse dibakeng tse hole,


Ke tla ba pepetla ka meya e hlaha hohle, e hlaha qoleng tse nne tsa lefatshe. Ke tla ba qhalanyetsa qoleng tse nne tsa lefatshe, ha ho na le setjhaba le se seng seo baphaphathehi ba Elame ba sa tlo fihla ho sona.


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ke tla otla bohle ba bolotseng nameng feela:


e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.”


Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.


Karolo e nngwe ya dikarolo tse tharo tsa setjhaba sa hao, e tla bolawa ke lefu la sewa le ke sekoboto; karolo ya bobedi e bolawe ka sabole kathoko ho marako a hao, mme karolo ya boraro e qhalanele hohle lefatsheng, e phaladiswa ka sabole.


Morena o tla le qhalakanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, mme hona moo le tla sebeletsa medimo e meng, eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba, e leng ya lehong le ya lejwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ