Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 49:17 - BIBELE

17 “Edomo e tla fetoha nanaola, bo-mofeta-ka-tsela ba e makalle, e fotohe sekgobo sa kamehla yohle, ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Edomo o tla etswa lesupi feela; e mong le e mong ya fetang ka yena o tla makala, a some bakeng sa dikotsi tsa hae kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 49:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntlo ena, leha e phahame hakana, e tla fetoha lesupi. Bohle ba fetang pela yona ba tla kgotsa, ba nyeketholotse, ba re: ‘Ke ka lebaka lang Morena a entseng naha ee tjee, le ntlo ee tjee?’


Naha ya sona se e fetotse nanaola, e fetohile sekgobo sa mehla yohle, bo-mofeta-ka-tsela ba ye ba e makalle, hlooho tsa bona ba be ba di thukuthe.


Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.”


Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!


Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona.


Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Edomo, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa bona, ke e fetole nanaola; ho tloha Temana ho ya fihla Dedane ke ba bolaye ka sabole.


Bahwebi ba matjhaba ba o nyekoletsa melomo; pheletso ya hao ruri e a tshabeha, ha o sa tla ba teng kamehla yohle!’ ”


Kaha o ile wa thabela ho bona ntlo ya Iseraele, eo e leng lefa la ka, e ripitlwa, le wena ke tla o etsa jwalo, wena Thaba ya Seire. O tla fetoha letswatlare, le Edomo yohle e be jwalo. Ka hona ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ke o halefetse, wena Thaba ya Seire, ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima hao, ke o fetole nanaola le lefella.


Ke tla fetola Thaba ya Seire letswatlare, ke bolaye bohle ba tsamayang ho yona.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!


“Meloko e tlang, e leng ditloholo tsa lona tse tla tswalwa, le mojaki ya tswang naheng e hole, ba tla bona diwa tsa naha ena, le malwetse a yona, ao Morena a e otlang ka wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ