Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 49:11 - BIBELE

11 Tlohelang dikgutsana tsa lona, bophelo ba tsona ke tla bo sireletsa, bahlolohadi ba lona le bona ba ntshepe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O ka siya dikgutsana tsa hao, nna ke tla di pholosa, le bona basadi ba bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 49:11
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o sireletsa bajaki, o thusa kgutsana le mohlolohadi, athe merero ya ba kgopo o a e nyopisa.


Binelang Modimo, rokang lebitso la hae, lokisang tsela ya ya kaletseng maru. Lebitso la hae ke Morena, nyakallang mahlong a hae.


Ahlolelang mofokodi ka toka, ahlolelang le kgutsana ka toka; etsetsang mohlophehi toka, le mohloki le mo etsetse yona.


Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”


Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?”


Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


O ahlola kgutsana le mohlolohadi ka toka, o rata mojaki, o a mo fepa, o a mo apesa.


Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ