Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 48:39 - BIBELE

39 “Utlwahatsang sello sena: Bonang, Moabe e fetohile lesupi! Bonang kamoo e balehang kateng e le dihlong! Moabe e se e fetohile sesomo, e fetohile setsoto ho ba ahelaneng le yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 O robakilwe jwang! Bokollang! Moabe o nea keng seholoholo, a ntse a le dihlong? Moabe e tla ba sesomo le thothometso ho ba bapileng le yena kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 48:39
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Moabe e tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe, jwalokaha Baiseraele dihlong di ile tsa ba hlaba, mehleng ya ha Bethele e ne le tshepo ya bona.


Lona ba ahisaneng le Moabe e lleleng, lona bohle ba tsebang botumo ba yona, le re: ‘Lere la puso le la matla le robehile, molamu o tlotlehang o robehile!’


Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane!


Bonang kamoo Morena a halefileng kateng! O sithabeditse Sione ka leru le letsholetsho! Tlotla ya Iseraele o e lahletse fatshe, a e lahlela fatshe e theoha lehodimong. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya hae, ha a a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


Kgauta e phatsimang e fifetse hakaakang! Kgauta e hlwekileng e silafetse hakaakang! Majwe a bohlokwa a qhalane kahohle hukung tsa diterata tsohle!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ