Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 48:38 - BIBELE

38 Hodima matlo wohle a Moabe, le hara diterata tsohle tsa yona, ha ho letho, haese dillo feela, hobane Moabe ke e pshatlile, ka e pshatla sa mopotjwana o seng o sa natswe ke motho,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Matlung wohle a Moabe le diterateng tsohle tsa hae ho a bokollwa; hobane ke pshatlile Moabe, jwaloka hoja ke lefiso le se nang theko, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 48:38
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa.’ ”


Ba tsamaya terateng tsa motse, ba apere tse mahwashe, bohle ba lla ba le hodima marulelo, le mabaleng a motse, ba itabanya fatshe ba ntse ba lla.


Bona ke boporofeta malebana le Kgohlo ya Pono: Ebe jwale molato ke ofe ha e le moo le hlweletse hodima matlo?


O tla le thuakanya sa pitsa ya letsopa e pshatleha makumane, a thuakanye a sa qenehele letho, hoo ho ke keng ha sala le lengetana la ho okga mollo, kapa lona la ho kga metsi, ho a kga ka sedibeng.”


“Jwale o tlo pshatle nkgo ena moo banna ba tsamayang le wena ba ntseng ba bona,


mme o re ho bona: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: Ke tla pshatlaka setjhaba sena le motse ona jwalokaha motho a pshatlaka nkgo hoo e ke keng ya hlola e lokiswa. Ba tla epela bafu ba bona Tofete hobane ho tla be ho se na sebaka se seng seo ba ka ba epelang ho sona.


Na Koniya hase nkgwana e nyatsehang, e matlere? Na hase sejana seo ho seng ya se thabelang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba lelekilwe, ba leleketswe naheng eo ba sa e tsebeng?


Lona badisa llang, le bokolle haholo, lona beng ba mohlape ipitikeng hodima molora; nako ya ho bolawa ha lona e fihlile, nako ya ho qhalanngwa ha lona e phethahetse; le tla wa, le pshatlehe sa lefiso le letleletle!


Baiseraele ba kwentswe, ba kwentswe bokwiditane, jwale ba se ba lweba kahara baditjhaba, ba ka ntho e se e se na molemo.


Seo ke le bolellang sona lefifing, le se phete leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa, le se phatlalatse le le hodima dihlohlolo.


o tla di busa ka lere la tshepe, a di pshatle jwaloka dinkgo tsa letsopa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ