Jeremia 48:37 - BIBELE37 Dihlooho kaofela di lekorana, ditedu kaofela ba di beotse, matsoho kaofela ba a phatsitse, matheka ba a tlamme ka tse mahwashe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)37 Hobane dihlooho tsohle di kutilwe, ditedu tsohle di beotswe; bohle ba phatsitswe matsoho, lesela le mahwashe le mathekeng a bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Wena ngwana motho, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o ile a etsa hore mabotho a hae a futuhele motse wa Tire ka sekgahla se seholo. Meqeqeko eo bahlabani ba neng ba e jere e ile ya ba phumola mafatla, mahetla a bona a phumoha dibebe. Empa yena le bahlabani ba hae ha ho moputso oo ba ileng ba o fumana ka ho futuhela Tire.
Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.