Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 48:28 - BIBELE

28 Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Tlohelang metse ya lona, le ahe mafikeng, lona baahi ba Moabe, le be jwaloka maeba a ikgahelang molomong wa mahaha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 48:28
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A boela a ema matsatsi a supileng hape, a nto boela a ntsha leeba, empa la se ke la hlola le kgutlela ho yena hape.


Wena leebana la ka le ipatileng mafarung, le ipatileng methating, tsullung tsa dithaba, ako mpontshe fahleho sa hao, ntswe la hao le lona ke le utlwe, ntswe la hao ho nna le a hohela, hoba fahleho sa hao ho nna se a rateha.


Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Neang Bamoabe mapheo ba fofe, ba fofe ba ikele hole, hobane metse ya bona e tla fetoha masupi, e fetohe masupi a hlokang baahi.


Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena.


Kgutlang, le balehe, le ipate ka mahaheng, lona baahi ba motse wa Dedane, hobane ke tla dihela Esau koduwa, ke mo dihele yona ha ke mo otla.


Bamidiane ba imela bana ba Iseraele. Ka baka la ho tshaba Bamidiane, bana ba Iseraele ba ile ba ipata matsabeng, le mahaheng, le diqhobosheaneng.


Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ