Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 46:9 - BIBELE

9 Morena o re: Futuhang lona banna ba dipere! Kgannang ka sekgahla lona ba dikariki! Teolohang lona banna ba bahlabani, banna ba Kushe le ba Pute, matshwarathebe, banna ba Lode ba fulang ka diqha!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 46:9
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Miseraime a tswala Balode, le Baaname, le Balebahe, le Banafetuhe,


Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana.


Miseraime a tswala Balode, le Baaname, le Balehabe, le Banafetuhe,


“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.


Morena o bua tjena: “Re utlwile seboko se bakwang ke tshabo, seboko sa tshabo e seng sa kgotso.


ha ho utlwahala modumo wa ditlhako, wa ditlhako tsa dipere tsa hae, ho utlwahala lekgarakgara, lekgarakgara la kariki tsa hae tsa ntwa, ho utlwahala le modumo wa mabidi a tsona, bo-ntata ha ba sa tla natsa le bana ba bona, hobane matsoho a bona a tla be a fokola.


“Tjhorisang metsu, le nke dithebe tsa lona, Morena o phepheditse kgosi tsa Bamede di halefile, sepheo sa hae ke ho timetsa Babilona. Bona ke bona boiphetetso, boiphetetso ba Morena, ke ho phetetsa le Tempele ya hae.


“ ‘Banna ba Peresiya, le banna ba Lode le Pute, e ne le bahlabani ba mabotho a hao; dithebe le katiba tsa bona tsa tshepe ba di fanyeha maboteng a hao, ba di fanyeha, ba o tlotla ka tsona.


Egepeta e tla futuhelwa e futuhelwe ka disabole, Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi, ha banna ba ewa mofela naheng ya Egepeta, matlotlo a yona ba a lobela, metheo ya yona ba e fata, ba e heletsa!


“ ‘Banna ba Kushe, ba Pute le ba Lode, ba mefuta yohle le ba Kube, le banna ba naha e itlammeng ka selekane, ba tla bolawa le Baegepeta, ba bolawe ka disabole.


Kushe le Egepeta di ne di e hlomella, di e hlomella, ho se na moedi; Pute le Lebia tsona di e thusetsa.


re le le ba Firigia, le ba Pamfilea, le ba Egepeta, le dibaka tsa Lebia tse haufi le Sirene, le baeti ba tswang Roma;


Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ