Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 46:5 - BIBELE

5 Keng ha ke bona ba se ba phakgasela, ba furaletse, ba se ba etsa sealo? Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse, ke mphete-ke-o-fete, morao ha ba sa hetla, ka nkong tsa bona ho nkga lefu feela!” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke ba bona keng ba thothomela, ba kgutla kasanthao, le bahale ba bona ba qhadilwe keng, mme ba baleha keng ba sa retelehe? Ho tshabeha ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 46:5
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba se ba ba ntsheditse kantle, ba re ho bona: “Balehang le ipholose! Le se ke la hetla, kapa la ema kae kapa kae hara phula. Le balehele thabeng, ho seng jwalo le tla timela!”


Ba tla kenelwa ke tshabo, mahlaba le bohloko di tla ba menya; ba tla meneka sa mosadi a kena tlung, motho a shebane le wa habo ka ho makala, fahleho tsa bona di fubele, di fubele sa malakabe.


Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.


Empa ba tshepang medimo ya bohata, ba reng ho yona: ‘Le medimo ya rona,’ ba tla kgutliswa ba hlabilwe ke dihlong.”


Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”


Apise, modingwana hao o fefolwa keng? O sitilwe ho setlela hoba Morena o mo dihile.


Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta, ba ka manamane a nontshitsweng; le bona ba tla phekgoha, ba balehe kaofela, ha ba ka ke ba tseba ho ema senna, hobane tsatsi la koduwa le ba fihletse, ba fihletswe ke nako ya bona, nako ya ho ahlolwa.


O hape tente tsa bona le mehlape ya bona, le maphephe a bona o bo a nke, o nke thepa yohle ya bona le dikamele. Batho ba tla howeletsa, ba re ho bona: ‘Matshabeho a le potapotile kahohle!’


Bona, ke tla o tlisetsa tshabo, o tshabe bohle ba o potapotileng,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho. “Kaofela ha lona le tla lelekwa naheng ena, ha ho ya tla phutha baphaphathehi ba lona.


Se tsweleng kantle la tsamaya hara naha, le ditseleng le se ke la tsamaya teng, hobane sera se hlometse ka disabole, tshabo le yona e fumanwa kahohle.”


Ke tla etsa hore tjhaba tse ngata di o makalle, kgosi tsa tsona di thothomele ke tshabo, ha ke tsokotsa sabole ya ka kapele ho tsona. Mohla tsatsi la timelo ya hao, batho ba tla thothomela ka nako tsohle, motho ka mong a thothomele ke tshabo, a thothomele ke ho tshaba lefu la hae.


Le tla ja nama ya bahale, le nwe madi a mahosana a lefatshe, jwalokaha eka ke a dipheleu, le a dikonyana, le a dipodi, le a dipohwana tseo kaofela ha tsona e leng tse nontshitsweng tsa Bashane.


Ninife e ka letamo le phatlohile. Mokgosi ke oo: “Sekwele! Sekwele!” Empa ha ho le ya mong ya kgutlang.


Lobelang silefera, le lobele le kgauta! Tlotlo le wele makgwabane, ke nyakafatane!


“Tsatsi le leholo la Morena le atametse, le tla le potlakile, Utlwang, tsatsi la Morena ke leo! Mohlabani o tla howa a se na tshepo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ