Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 46:22 - BIBELE

22 Egepeta e tla hwasa, e hwase sa noha e baleha, e hwase ha sera se etla ka sekgahla; ba tla e futuhela ba tshwere dilepe, ba di tshwere sa banna ba rema difate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mohwasa wa hae o jwaloka wa noha e balehang; ba ntse ba tsamaya ka makgotla, ba tla ho yena ka dilepe, jwaloka hoja ke baremi ba difate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 46:22
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tshwana le ba kenang morung, ba kenang teng ka dilepe;


Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong?


fate tsa modutu le kedare tsa Lebanone, di thabetse ho wa ha hao, di re: ‘Ha e le mona o se o kokobeditswe, ha ho ya sa tla nyoloha, a nyolohele thabeng ho re rema.’


O tla bua o rapaletse fatshe, o bue o le leroleng la lefatshe; ntswe la hao e tla ka la sethotsela, polelo tsa hao di hweshetswe di etswa leroleng.


Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: Ka tshwele la kariki tsa ka, kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing.


Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta, ba ka manamane a nontshitsweng; le bona ba tla phekgoha, ba balehe kaofela, ha ba ka ke ba tseba ho ema senna, hobane tsatsi la koduwa le ba fihletse, ba fihletswe ke nako ya bona, nako ya ho ahlolwa.


Moru wa Egepeta ba tla o kgethula,” ho rialo Morena, “ba o kgethule leha o opane haholo, hobane ba feta le ditsie ka boiyane, palo ya bona hase e ka ba ya balwa.


Yaba Mmikiya o re: “Kahoo ke tla lla, ke bokolle, ke tsamaye ke hlobotse, maotong ke sa rwala; ke tla ngaya sa phokojwe ha e ngaya, ke purume sa mpshe ha e puruma.


Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong, le hoja di le matla; ditjhaba di tla makala, di be di hlollwe, le tsebe tsa tsona di be di thibane.


Wena fate sa phaena, bokolla, o lle hobane kedare e robehile, difate tse bohehang di suhlamane! Lona eike tsa Bashane bokollang hobane moru o opaneng o kgethutswe!


Mahosana a boela a re ho setjhaba: “A re ba tloheleng ba phele, e le hore e tle e be bona ba rwallelang setjhaba sena sohle patsi, ba se kgellang metsi.” Setjhaba sa etsa jwalokaha mahosana a boletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ