Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 46:12 - BIBELE

12 Tjhaba di utlwile ho tlontloloha ha hao, fatshe lohle le tletse seboko sa hao, senatla se thulane le senatla se seng, bobedi ba tsona tsa wela fatshe mmoho.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ditjhaba di utlwa tsa dihlong tsa hao, lefatshe le dumaella pokollo ya hao, hobane mohale o otlanya mohale e mong, ba wela hammoho ba babedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 46:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


“Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.


Diterateng tsohle batho ba llela veine, menyaka yohle le yona e se fedile, lefatsheng lohle medidietsane ha e sa utlwahala.


“Juda e bofifing, metse e shwa ke lenyora, tjhaba se rapaletse fatshe, se apere bofifi, sello sa Jerusalema le sona se hlaba hodimo!


O lelera hakaale ka baka lang, o tsamaya o kgeloha tsela tsa hao? O tla hlabiswa dihlong ke Egepeta, jwalokaha Asiria e o hlabisitse dihlong.


“Ba nang le sekaja maoto a bona a a katleha, dinatla tsa bona ha di ka ke tsa phonyoha; bohle ba a kgothometseha, ba a polopoqana, ba wela ka leboya ho noka ya Euferatese.


Morena o bua tjena: “Metsi ke ao, a phorosela ho tswa leboya, a tla ka sekgahla se kang sa sekgohola, a tla aparela naha le tsohle tse ho yona, a aparele metse le baahi ba yona bohle. Banna ba tla tshoha ba hlabe mokgosi, baahi bohle ba naha bona ba bokolle,


“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.


Etlare ha ba ewa lefatshe le reketle, seboko sa bona se yo utlwahala, se utlwahale Lewatleng la Lehlaka.


Fatshe le tla reketla ha ho utlwahala, ho utlwahala hore Babilona e se e hapilwe: Sello sa yona se tla utlwahala hara baditjhaba.


“Dillo tsa mahlomola di hlaha Babilona, ho utlwahala medumo ya koduwa e kgolo, koduwa e tswang naheng ya Bakalatiya.


Ninife e hlabela bahlabani ba yona mokgosi, empa tseleng ya bona ba a kgothometseha, ba kgoroha ba leba lerakong la motse, ba kgoroha ba se ba teteantse dithebe.


“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “mokgosi o tla utlwahala Monyakong wa Ditlhapi, seboko se utlwahale se etswa motsemotjha, le modumo o moholo o utlwahale maralleng.


Banna ba sa kang ba eshwa bona ba otlwa ka mathopa a mokoteng, mme seboko se tswang motseng sa nyolohela lehodimong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ