Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 44:28 - BIBELE

28 Empa ba mmalwana, ba tlang ho phonyoha, ba tla tswa naheng ya Egepeta, ba kgutlele naheng ya Juda, mme masalla a Juda, a ileng a ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng, a tla tseba hore na ha e le lentswe la ka kapa lentswe la bona, ke lefe leo e leng nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ba phemang lerumo ba tla kgutla lefatsheng la Egepeta, ba boele lefatsheng la Juda, e le batho ba seng bakae; ba setseng ba Juda ba tlileng lefatsheng la Egepeta ho aha teng, ba tla tseba hore na lentswe le tla etsahala ke lefe, kapa ke la ka, kapa ke la bona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 44:28
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Merero ya Morena e tiile kamehla, mehopolo ya pelo ya hae ke ya kamehla.


Fate tsa meru ya yona di tla sala di le mmalwana, hoo le ngwana a ka tsebang ho di bala.


Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele, se ka hlabathe la lewatle, ke masalla feela a tla boela a kgutla. Morena o se a laotse timetso, e tla se wela hodimo e le ka toka.


Ho tla fela ho be jwalo ho bohle ba ikemiseditseng ho ya phela Egepeta; ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa; ha ho le ya mong wa bona ya tla phela, kapa a pheme koduwa eo ke tla e dihela hodima bona.’


Ba ahileng Egepeta ke tla ba otla ka sabole le ka sekoboto le ka lefu la sewa, jwalokaha ke ile ka otla Jerusalema.


Ha ho le ya mong wa masalla a Juda a ileng a ya Egepeta ho ya jaka teng ya tla phonyoha kapa a phele, hore a tle a kgutlele naheng ya Juda, eo ba labalabelang ho kgutlela ho yona ho ya aha ho yona. Ha ho le ya mong ya tla kgutlela ho yona, haese feela mahlatsipa a ka phonyohang.”


“Morena o re: ‘Seo e tla ba pontsho ho lona ke hore ke tla le otlela hona sebakeng sena, le tle le tsebe hore mantswe a ka a ho le dihela koduwa a a phethahala.’


“Lona ba phonyohileng sabole, tsamayang, le se ke la dikadika! Hopolang Morena le le naheng e hole, le nahane le yona Jerusalema.”


“ ‘Empa ke tla siya masalla, hobane ba bang ba lona ba tla phonyoha sabole, ha le qhalanyetswa hara dinaha le ditjhaba.


Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”


Empa Moshe a re: “Ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Morena, ha e le moo ho bonahala hore e ke ke ya atleha?


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ