Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 44:14 - BIBELE

14 Ha ho le ya mong wa masalla a Juda a ileng a ya Egepeta ho ya jaka teng ya tla phonyoha kapa a phele, hore a tle a kgutlele naheng ya Juda, eo ba labalabelang ho kgutlela ho yona ho ya aha ho yona. Ha ho le ya mong ya tla kgutlela ho yona, haese feela mahlatsipa a ka phonyohang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 44:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohla tsatsi leo, masalla a Iseraele, ba ntlo ya Jakobo ba ileng ba phonyoha, ha a sa tla hlola a tshepa ya ile a a otla, empa a tla tshepa Morena ka nnete, yena Ya Halalelang wa Iseraele.


Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha.


Se lleleng mofu, le kgutsana le se e rwale, le mpe le llele haholo ya thopilweng, hobane ha a ka ke a hlola a kgutla hape, leha e le ho bona fatshe la tswalo ya hae.


Ho tla fela ho be jwalo ho bohle ba ikemiseditseng ho ya phela Egepeta; ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa; ha ho le ya mong wa bona ya tla phela, kapa a pheme koduwa eo ke tla e dihela hodima bona.’


Ka baka leo, tsebang hore ruri le tla bolawa ka sabole, le bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa, hona naheng eo le reng le ya jaka ho yona.”


“Kahoo lona bohle ba morabe wa Juda ba ahileng naheng ya Egepeta, utlwang lentswe la Morena: Tsebang hore ke ikanne ka lebitso la ka le leholo, ho rialo Morena, hore ha ho motho wa morabe wa Juda ya naheng yohle ya Egepeta ya sa tla hlola a bitsa lebitso la ka, a re: ‘Ka Morena Modimo ya phelang!’


Ba mphetohelang, ba mphurallang, ke tla ba tlosa hara lona. Le hoja ke tla ba ntsha naheng eo ba phelang ho yona, ba ke ke ba hlola ba kena naheng ya Iseraele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.


“ ‘Empa ke tla siya masalla, hobane ba bang ba lona ba tla phonyoha sabole, ha le qhalanyetswa hara dinaha le ditjhaba.


“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?


Jwale wena motho ya ahlolang ba bang ba etsang tse jwalo, empa o ntse o di etsa, na o hopola hore o tla phonyoha kahlolong ya Modimo?


Le yena Esaya o phatlalatsa tsa Iseraele, o re: “Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la lewatle, ke methwaela feela e tla pholoha,


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ