Jeremia 38:17 - BIBELE17 Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)17 Yaba Jeremia o bolella Tsedekia, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ha o tswa hona jwale ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, moya wa hao o tla phela, le motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo; o tla phela, wena le ntlo ya hao. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.
“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.