Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 37:21 - BIBELE

21 Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba morena Tsedekia o laela hore Jeremia a bewe lebaleng la teronko, a newe ka tsatsi le leng le le leng polokwe ya bohobe e tswang seterateng sa diapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng. Mme Jeremia a hlola lebaleng la teronko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 37:21
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone selemong sona seo, tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela.


Nakong ya sekoboto o tla o namolela lefung, nakong ya dintwa sabole a e thithibanye bohale.


Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora.


Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.


Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.


a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena.


Ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a ne a etseditse Jerusalema thibella, mme moporofeta Jeremia o na kwaletswe ka lebaleng la tjhankana e neng e le ka tlung ya kgosi ya Juda.


“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.


Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia kgetlo la bobedi, ha a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re:


Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.


Jeremia a dula ka lebaleng la tjhankana ho fihlela ka letsatsi leo Jerusalema e ileng ya hapuwa ka lona. Le yena Jeremia o ne a le teng ha Jerusalema e hapuwa.


Yaba ba nka Jeremia, ba mo akgela ka mokoting a tjhekilweng ke Malakiya, mora wa kgosi, o neng o le lebaleng la tjhankana, ba mo theolela ka mokoting ka mehala. Ho ne ho se metsi ka mokoting, haese seretse feela. Yaba Jeremia o tetebela seretseng.


“Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”


Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, selemong sona seo, ha tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela,


Letlalo la rona le ntshofetse sa sebopi, ka baka la ho phela hara sekoboto.


Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.


Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.


Kamora dilemo tse pedi Felekise a hlahlangwa ke Porokiose Fesetose, mme ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, Felekise a siya Paulosi ditlamong.


Ha re fihla Roma, Paulosi a dumellwa ho dula a le mong le mohlabani ya mo lebelang.


Paulosi a hlola moo lemo tse pedi tse tletseng, a le tlung eo a neng a e hirile, mme a amohela bohle ba tlang ho yena.


Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona:


Leha ke le ditlamong, ke ntse ke le leqosa la wona. Nthapelleng hore ke tle ke bue ka molaetsa ona ka sebete, jwalokaha ke tlamehile.


Ka hona se be dihlong ho paka Morena wa rona, kapa nna ke leng motshwaruwa ka baka la hae. Empa o mamelle le nna mahloko a bakwang ke molaetsa o molemo, ka matla a Modimo,


oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ