Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 37:19 - BIBELE

19 Ba kae jwale baporofeta ba hao, ba ileng ba o porofetela, ba re: ‘Kgosi ya Babilona ha e ka ke ya o futuhela, kapa ya futuhela naha ena?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba kae baporofeta ba lona ba nnileng ba le porofetela, ba re: Morena wa Babilona a ke ke a le futuhela, lona le lefatshe lena?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 37:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “O nkene kang? Tsamaya, o yo botsa baporofeta ba ntatao, le baporofeta ba mmao!” Empa kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Tjhe, ke Morena ya bitsitseng dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe.”


“E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.


Ho ba nnyedisang, baporofeta ba re ho bona: ‘Morena o boletse hore le tla phela ka kgotso;’ ho ba latelang pelo tsa bona tse manganga, ba re: ‘Ha ho na koduwa e tla le wela hodimo!’


“Romela molaetsa ho bothopuwa bohle, o re: ‘Malebana le Shemaya ya tswang Nehelame, Morena o bua tjena: Kaha Shemaya a le porofetetse, empa ke ne ke sa mo roma, mme a etsa hore le tshepe leshano,


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. ‘Kgotso! Kgotso!’ ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka, ba a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. “Kgotso! Kgotso!” ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa.


“Wena ngwana motho, hanyetsa baporofeta bana ba Iseraele ba porofetang. Ere ho bana ba iporofetelang tse tswang mehopolong ya bona: ‘Mamelang lentswe la Morena!


Dipono tsa bona ke tsa mafeela, le boporofeta ba bona ke ba leshano. Ba re: “Morena o re,” empa Morena a sa ba roma, mme ba lebella hore dipolelo tsa bona di phethahatswe!


medimo e jeleng mafura a mahlabelo a lona, e nweleng veine ya dinyehelo tsa lona? Medimo eo a e tsohe e le thusetse, medimo ya lona e le sireletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ