Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 36:12 - BIBELE

12 a theohela tlung ya kgosi, a kena ka kamoreng ya mongodi wa puso. Ka teng a fumana mahosana wohle a dutse, e leng: Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, le Delaya, mora wa Shemaya, le Elenathane, mora wa Akabore, le Gemariya, mora wa Shafane, le Sedekiya, mora wa Hananiya, le mahosana a mang wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 a theohela ka tlung ya morena ka kamoreng ya mongodi; mme bonang, ba baholo ba ne ba dutse teng kaofela, e le Elishama mongodi, le Delaia, mora Shemaia, le Elnathane, mora Akbore, le Gemaria, mora Shafane, le Tsedekia, mora Hanania, le baholo ba bang kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 36:12
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya laela moprista Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Akabore, mora wa Mmikiya, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:


Jwale moprista Hilekiya, le Ahikama, le Akabore, le Shafane, le Asaya, ba ya ho Hulada, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Harahase, molebedi wa diaparo tsa Tempele. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena.


Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae, kgosi Josiya a roma mongodi wa hae Shafane, mora wa Asaleya, setloholo sa Meshulame; a mo roma Tempeleng ya Morena, a re:


Jehoyakine o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e robedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dikgwedi tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Nehusheta, moradi wa Elenathane, eo hahabo e neng e le Jerusalema.


Ha mahosana a Juda a utlwa tsena, a nyoloha tlung ya kgosi, a ya Tempeleng ya Morena, a fihla a dula lebaleng la Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena.


Kgosi Jehoyakime a roma banna Egepeta, e leng Elenathane, mora wa Akabore, le banna ba bang ba neng ba mo tsamaisa tsela ho ya Egepeta.


Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye.


Elenathane le Delaya le Gemariya ba ne ba ile ba rapela kgosi hore e se ke ya tjhesa buka, empa kgosi ya se ke ya ba mamela.


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


Ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama, eo e neng e le wa madi a borena, e bile e le e mong wa balaodi ba kgosi, a tla ho Gedaleya, mora wa Ahikama, motseng wa Misepa, a ena le banna ba leshome. Yare moo ba ntseng ba eja ba le mmoho,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ