Jeremia 36:10 - BIBELE10 Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Baruke a bala mantswe a Jeremia lengolong, ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya Gemaria, mora Shafane, mongodi, lebaleng le kahodimo, lepatlelong la monyako o motjha wa ntlo ya Jehova, ditsebeng tsa setjhaba kaofela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hona motseng moo, a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba supileng, bao e neng e le baeletsi ba kgosi, a thopa le mongodi e moholo eo e neng e le molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, bao a ba fumaneng ba ntse ba le moo motseng.