Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 36:1 - BIBELE

1 Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe lena le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 36:1
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae.


Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda.


“Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho.


Mehleng ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:


Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng.


Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, yare hoba Baruke, mora wa Neriya, a qete ho ngola mantswe a tswang molomong wa Jeremia, a a ngole bukeng, Jeremia a re ho yena:


Malebana le Egepeta le mabotho a Faro-Neko, kgosi ya Egepeta, a neng a larile pela noka ya Euferatese, Karakemishe, ao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a a hlole ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, Morena o re:


Ka selemo sa boraro sa puso ya Jehoyakime, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema, a e etsetsa thibella.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ