Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 35:14 - BIBELE

14 ‘Ditaelo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ne a laela bara ba hae hore ba se ke ba nwa veine, di phethilwe. Ho fihlela kajeno lena ha ba nwe veine, ba hlompha taelo ya ntata bona moholo. Le hoja nna ke buile le lona ka makgetlokgetlo, ha le a ka la mmamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho ntse ho bolokwa mantswe a Jonadabe, mora Rekabe, ao a kileng a laela bara ba hae ka wona hore ba se ke ba enwa veine, mme ha ba e nwe le kajeno, hobane ba ntse ba utlwa taelo ya ntata bona moholo. Mme nna nkile ka nna ka bua le lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa; le mpa le sa ka le nkutlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 35:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Leha ho le jwalo, ba se ke ba o mamela, ba se ke ba o mamela, ba o fetohela, Molao wa hao ba o siya morao; baporofeta ba hao bona ba ba bolaya, ha ba ba kgalemella ho ba busetsa ho wena; kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Tjhaba sena ke sa mahlabaphiyo, bana ba sona ke bo-raleshano, molao wa Morena ha ba o mamele.


“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.


Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”


haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela;


Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela,’ ho rialo Morena.


Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di a sheba ka ho nna. Le hoja ke nnile ka ba ruta ka makgetlokgetlo, ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa ka.


Ditloholo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, tsona di phethile ditaelo tseo moholoholo wa tsona a neng a di laele tsona, empa setjhaba sena sona ha se a ka sa mmamela.’


Empa bona ba re: “Re ke ke ra nwa veine, hobane ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, o ne a re laele, a re: ‘Lona le bana ba lona le se ke la nwa veine le ka mohla!


Tsena tsohle le di entse, ho rialo Morena. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mmamela. Leha ke le bitsa ha le a ka la nkarabela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ