Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 35:13 - BIBELE

13 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsamaya o yo botsa banna ba morabe wa Juda, le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Na le hana ho amohela ditaelo tsa ka le ho mamela mantswe a ka?’ ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle batho ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Na le ke ke la amohela thuto, le tle le utlwe mantswe a ka na? Ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 35:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sekehela keletso tsebe, o mamele ditaelo, e le hore qetellong o tle o hlalefe.


Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.


Ke mang wa lona ya tla mamela tsee, eo ho tloha jwale a tla di sekehela tsebe?


Yaba moporofeta Jeremia o bua ho setjhaba sohle sa Juda, le ho baahi bohle ba Jerusalema, o re:


Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di a sheba ka ho nna. Le hoja ke nnile ka ba ruta ka makgetlokgetlo, ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa ka.


Yaba lentswe la Morena le fihla ho Jeremia, le re:


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


“Monna ya bohlale, ya ka utlwisisang tsee ke ofe? Eo Morena a mo rutileng ho di hlalosa ke mang? Ke ka baka lang ha naha e fetohile nanaola, e omeletse sa lehwatata le ke keng la tsamauwa?”


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ