Jeremia 34:17 - BIBELE17 “Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)17 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Lona, ha le a ka la nkutlwa ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, e mong le e mong ho motswalle wa hae; bonang, ke le bolella tokollo, ho bolela Jehova, e leng ya lerumo, le ya lefu la sewa, le ya tlala, mme ke le neela ho tsokotseha mebusong yohle ya lefatshe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’
“Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona.