Jeremia 34:14 - BIBELE14 ‘Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng,’ empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)14 Ho feleng ha dilemo tse supileng, le ke le lesele e mong le e mong ngwanabo wa Moheberu ya ithekisitseng ho lona; a ne a le sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, le ntoo mo lesela a ikele; empa bontata lona ha ba ka ba nkutlwa, ha ba ka ba sekeha tsebe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.