Jeremia 33:5 - BIBELE5 e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 Ba tla kena ho wona ho lwana le Bakalde, empa ba tla a tlatsa ditopo tsa batho, bao ke yang ho ba otla bohaleng ba ka le kgalefong ya ka, bao ke patetseng motse ona sefahleho sa ka ka baka la bolotsana ba bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’