Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 33:22 - BIBELE

22 Jwalokaha dinaledi tsa lehodimo di ke ke tsa balwa, le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ka mokgwa o jwalo ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, ke atise le palo ya Balevi ba ntshebeletsang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Jwaloka makgotla a mahodimo a ke keng a balwa, le lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa, ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, jwalo, le Balevi ba ntshebeletsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 33:22
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala.


A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao.


Bohle ba nang le matla lefatsheng ba tla itihela maotong a hae; bohle ba fellang leroleng ba tla mo kgumamela. Nna ke tla phelela yena;


Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng.


Tloholo tsa hao di ka be di le kaa ka lehlabathe, bana ba hao ba le kaa ka tlhaku tsa lona di se na palo; lebitso la bona le ne le ke ke la fela, leha e le ho hlakoha kapele ho nna.”


Ba bang ba bona ke tla ba etsa baprista, ke ba etse Balevi,” ho rialo Morena.


Baahi ba yona ba tla bina dithoko, mehoo ya thabo le yona e utlwahale. Palo ya bona ke tla e eketsa, mme ha ba ka ke ba fokotseha. Ke tla be ke ba tlisetse tlotla, ba ke ke ba hlola ba nyediseha.


Morena o bua tjena: “Haeba mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le metheo ya lefatshe e ka fihlelwa, ke tla furalla ditloholo tsohle tsa Iseraele, ka baka la tsohle, tseo di di entseng,” ho rialo Morena.


le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”


Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia, la re:


Yaba ke porofeta jwalokaha a ntaetse, moya wa kena kahare ho ditopo, tsa tsoha, tsa ema ka maoto, e le lebotho le leholohadi.


“ ‘Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo.


“Empa Baiseraele ba tla ngatafala, ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle le ke keng la methwa leha e le ho balwa. Moo ho neng ho thwe ho bona: ‘Lona ha le setjhaba sa ka’, ho tla thwe: ‘Le bana ba Modimo ya phelang’.


Ke tla ba hwehla, ke ba kgobokanye, hobane ke na ya ba lopolotseng; ba tla ba bangata sa mohla monene.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.


Lengeloi la bobedi la re ho la pele: “Matha, o yo bolella mohlankanyana eo, o re: ‘Ka baka la bongata ba batho le ba mehlape, Jerusalema ha e na ho haheletswa ka marako.


Ka baka lena monna a le mong, eo e neng e se e le mobu, o ile a tswala ditloholo tse ngata jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, le ke keng la balwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ