Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 33:21 - BIBELE

21 le selekane seo ke se entseng le Davida, mohlanka wa ka, le selekane seo ke se entseng le baprista ba Balevi ba ntshebeletsang, se ka senngwa, le Davida a ka hloka mohlahlami setulong sa hae sa bokgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 le hona selekane sa ka le Davida, mohlanka wa ka, se ka fela, hore a se ke a hlola a eba le mora ya busang teroneng ya hae; ho jwalo le ka selekane sa ka le Balevi, bao e leng baprista ba ntshebeletsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 33:21
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Modimo o tiisitse lelapa la ka, selekane sa rona le yena ke sa mehla yohle, dipallo tsa sona di hlakile, di a tshepeha, ke yena ya mpholosang, o atlehisa takatso tsa ka.


Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.


ke tla tiisa bokgosi ba hao, jwalokaha ke ne ke etse selekane le Davida, ntatao, ka re: ‘Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami ya tla busa Iseraele.’


“Teng ke tla bea setloholo sa Davida, ke se bee hore e be kgosi e matla, ke lokisetse Motlotsuwa wa ka lebone.


Feela Davida nke ke ka mo amoha, ka mo amoha mohau wa ka, ka kweneha botshepehing ba ka.


Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida.


“Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida.


“Jwalokaha mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, e leng dintho tseo ke tla di bopa, di tla ba kapele ho nna kamehla,” ho rialo Morena, “ditloholo tsa ona di tla hlola jwalo, le lona lebitso la lona le hlole jwalo.”


le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”


Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


O ba entse mmuso le baprista ba tla sebeletsa Modimo wa rona, mme ba buse lefatshe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ