Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 33:18 - BIBELE

18 le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le baprista, bao e leng Balevi, ba ke ke ba ba ba hloka motho pela ka ya hlahisang ditjheso, ya tjhesang dibano hammoho le dinyehelo, ya etsang mahlabelo kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 33:18
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong.


bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.”


Lona le tla bitswa baprista ba Morena, le bitswe basebeletsi ba Modimo wa rona. Maruo a baditjhaba a tla jewa ke lona, le ithorise ka tlotla ya bona.


Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:


Jwalokaha dinaledi tsa lehodimo di ke ke tsa balwa, le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ka mokgwa o jwalo ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, ke atise le palo ya Balevi ba ntshebeletsang.”


Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ka ke a hloka setloholo se tla ntshebeletsa,’ ho rialo Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.”


“ ‘Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo.


Karolo e nngwe e bolelele ba dikilomethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara ba dikilomethara tse hlano, e tla ba ya Balevi ba sebeletsang ka Tempeleng. Ke ya bona, ke moo ba tla haha metse ya bona teng.


hobane leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba mo tlotlisa le ho mo leboha jwaloka Modimo. Menahano ya bona ya leba nthong tse se nang thuso, mme pelo tsa bona tse hlokang kutlwisiso tsa fifala.


wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.


“Baprista, e leng Balevi, ke hore ba morabe wohle wa Levi, ha ba na ho ba le seabo lefeng la Iseraele; ba tla ja dinyehelo tsa dijo le dimpho, le diabo tse etsetswang Morena.


“Elang lefu la lepera hloko; le hlokomele ho etsa tsohle ho ya kamoo baprista, e leng Balevi, ba tla le ruta kateng. Ho ya kamoo ke ba laetseng kateng, le hlokomele ho etsa jwalo.


Ba laela setjhaba, ba re: “Ha le bona areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e jerwe ke baprista, e leng Balevi, le tla tloha moo le leng teng, le e sale morao.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!


O ba entse mmuso le baprista ba tla sebeletsa Modimo wa rona, mme ba buse lefatshe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ