Jeremia 33:17 - BIBELE17 “Morena o bua tjena: Davida a ke ke a hloka ya tla mo hlahlama bokgosing ba Iseraele, အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)17 Hobane ho itswe ke Jehova: Davida a ke ke a ba a hloka motho ya dulang teroneng ya ntlo ya Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Jwale ka baka leo, wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘Haeba bana ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, jwalokaha o ile wa etsa, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’
dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena ka dikgoro tsa motse ona. Dikgosi tseo, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena di palame dikariki tsa ntwa, di palame le dipere, di ena le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, mme motse ona o tla ba le baahi kamehla yohle.