Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 33:13 - BIBELE

13 Metseng e dithabeng, le metseng e dikgohlong, le metseng e ka Borwa, le naheng ya Benjamine, le metseng e mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, badisa ba sa tla boela ba bala mehlape ya bona,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Metseng e thabeng, le metseng e lehwatateng, le metseng e ka nqa borwa, le naheng ya Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, ho sa tla feta mehlape katlasa letsoho la ya e balang, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 33:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba tla tla ba etswa metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema; ba etswa le naheng ya Benjamine, le diphuleng, le dithabeng, le naheng e ka Borwa, ba tlise dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo, le dinyehelo tsa dijo, le mokubetso, le dinyehelo tsa teboho, ba di tlise ka tlung ya Morena.


Ba tla tla ba bine ba le hodima Sione, ba thabele bongata ba dimpho tsa Morena, e leng koro le veine le ole, le dikonyana, le dipotsanyane le manamane. Ba tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, ba ke ke ba hlola ba eba le mahlomola.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Matlo le masimo le dirapa tsa morara, tsena di tla boela di rekwa naheng ena.’ ”


Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.”


“ ‘Ke tla le busa ka thata, ke etse hore le ikokobeletse selekane sa ka.


Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena.


Letshwelehadi la bathopuwa ba Iseraele ba Kanana le tla hapa naha eo ho ya fihla Sarepeta, bathopuwa ba Jerusalema, ba leng Sarefate, ba tla ikgapela metse e ka Borwa.


“Ke ofe hara lona ya nang le dinku tse lekgolo, eo ekareng ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a siya tse mashome a robong a metso e robong naheng, a yo batla e lahlehileng, ho fihlela a e fumana?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ