Jeremia 31:7 - BIBELE7 Morena o bua tjena: “Binelang Jokobo ka thabo, le mminele, binelang tjhaba se seholo hara ditjhaba. Utlwahatsang dithoko tsa lona, le re: ‘Oho, Morena, namolela setjhaba sa hao, masalla a tjhaba sa hao, tjhaba sa Iseraele.’ အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)7 Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele! အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.