Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:31 - BIBELE

31 “Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla etsa selekane se setjha, ke se etse le ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:31
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.


Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla atisa batho ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda, ke be ke atise le tsona diphoofolo.


Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla.


Ke tla etsa selekane sa kgotso le bona, mme e tla ba selekane sa kamehla yohle. Ke tla ba tsitsisa, ke ba ngatafatse, mme ke emise Sehalalelo sa ka hara bona kamehla yohle.


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ya kotulang a tla siuwa, ya kotulang a siuwe ke ya lemang; ya jalang le yena o tla siuwa, a siuwe ke ya tlhotlang morara. Veine e ntjha e tla kolla dithabeng, e phalle e kopotsa maralleng wohle.


hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.


A re ho bona: “Hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata.


Ha ba se ba jele, a etsa jwalo le ka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiisitsweng ka madi a ka, a tshollelwang lona.


Ka mokgwa o jwalo, ha ho se ho laletswe, a nka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiiswang ka madi a ka. Kamehla ha le enwa, le etse jwalo ho nkgopola.”


Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa.


Bohle ba tsamayang ka molao ona, kgotso le mohau di ke di be le bona, le Iseraele wa Modimo.


Hase le lona feela a etsang selekane sena le kano ena,


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.


Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng,


Ha boprista bo fetoha, molao le wona eka kgona o fetohe.


Ka baka lena, Kreste ke mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha. Ka lefu la hae o lefeletse ditshito tseo batho ba neng ba di etse tlasa selekane sa pele, e le hore ba bitsitsweng ke Modimo ba tle ba tsebe ho ja lefa le sa feleng, leo ba le tshepisitsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ