Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:30 - BIBELE

30 “Motho ka mong o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, e mong le e mong ya jang morara o bodila meno a hae a tla thella.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Empa e mong le e mong o tla shwa ke bokgopo ba hae; e mong le e mong ya jang morara o bodila, meno a hae a tla thella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:30
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, ho ya ka Molao o ngotsweng Bukeng ya Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.”


Kotlo eo e mo tlele a e shebile, kgalefo ya Ya Matla wohle a e habole;


Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.


Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae.


Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!


Moya wa kena ka ho nna, wa nkemisa ka maoto, wa bua ho nna, wa re: “Tsamaya o yo ikwalla ka tlung ya hao.


Ha ke re ho ya lokileng ruri o tla phela, empa a itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bobe, ha ho le e nngwe ya dintho tse lokileng tseo a di entseng e tla hlola e sa hopolwa; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng.


Ha ya lokileng a furalla ho loka ha hae, a etsa bokgopo, o tla shwa ka baka la bokgopo boo.


Ha nna ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ eba wena ha o mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, mme madi a hae wona ke tla a batla ho wena.


hobane motho ka mong o tla itjarela mefokolo ya hae.


“Bo-ntata ba ke ke ba bolawa ka baka la bana ba bona; le bana ba ke ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona. Motho e mong le e mong o tla bolaelwa sebe sa hae.


Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ