Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:27 - BIBELE

27 “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla atisa batho ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda, ke be ke atise le tsona diphoofolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho jalla ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda peo ya batho le peo ya dikgomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:27
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa a ntsha mafutsana bohlophehing ba wona, a atisa malapa a wona jwaloka mohlape.


Baahi ba yona ba tla bina dithoko, mehoo ya thabo le yona e utlwahale. Palo ya bona ke tla e eketsa, mme ha ba ka ke ba fokotseha. Ke tla be ke ba tlisetse tlotla, ba ke ke ba hlola ba nyediseha.


Ke tla ngatafatsa setjhaba sa lona, ke ngatafatse le ntlo yohle ya Iseraele. Metse e tla boela e eba le baahi, le dithako di tsoswe.


Ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo tsa bona, mme ba tla tswala bana, ba ate. Le tla boela le haha ditsheng tsa lona tsa kgale, mme le atlehe ho feta pele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.


Ke na le lona, ke tla le rekolohela; le tla lemelwa, mme le jallwe.


Ke tla mo jakisa naheng ena, ke hauhele ya neng a bitswa Mohanuwa; ho bao e neng e se setjhaba sa ka ke tla re: ‘Le setjhaba sa ka,’ bona ba re: ‘O Modimo wa ka.’ ”


Leha ke ba qhalanyeditse hara baditjhaba, ba tla nne ba nkgopole ba le naheng tse hole, bona le bana ba bona ba tla phela, ba be ba kgutlele ha habo bona.


Morena o tla le atlehisa mesebetsing yohle eo le e etsang, a atise bana ba lona, le tswala ya diphoofolo tsa lona, le ditholwana tsa masimo a lona haholo. Morena o tla boela a thabela ho le atlehisa haholo, jwalokaha a ile a thabela ho atlehisa bo-ntata lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ