Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:16 - BIBELE

16 Morena o bua tjena: “Kgaotsa ho lla, o hlakole meokgo mahlong, hoba mosebetsi wa hao o tla fumana moputso,” ho rialo Morena. “Ba tla boela ba kgutla kwana naheng ya dira.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ho itswe ke Jehova: Kganna lentswe la hao, o se ke wa lla, le mahlo a hao a se ke a tsholla meokgo, hobane mosebetsi wa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova, mme ba tla kgutla lefatsheng la sera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:16
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o a iphotla, o a tswa, mme a itiisa, a re: “Tlisang dijo!”


Josefa a sitwa ho itiisa ha a le kapele ho bohle ba neng ba eme pela hae, mme a phahamisa lentswe, a re: “Ntshetsang batho bohle kantle!” Ho ne ho se motho pela hae, ha Josefa a itsebisa bana babo.


Matlafalang ke hona, le se ke la kgathala matla, hobane le tla putswa.”


Ba ileng ba jala ka dikgapha, ba tla kotula ka ditlatse.


Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang.


Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.


Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.


Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba.


Bonang, Morena Modimo o tla e le Ya Matla, o tla busa ka letsoho la hae. Bonang, o tla le moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.


“Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.


Le tla mphumana,’ ho rialo Morena, ‘mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona,’ ho rialo Morena, ‘ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng.’


Morena o bua tjena: “Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka, ke se kgutlisetse naheng ya sona, lelapa ka leng ke le hauhele. Masupi a Jerusalema a tla tsoswa, le yona ntlo ya bokgosi e be e tsoswe.


Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.


ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.


Ke tla etsa hore bathopuwa ba Juda le bathopuwa ba Jerusalema ba kgutle, ke ba tsitsise jwaloka pele.


mme o re ho sona: ‘Morena o bua tjena: Ke tla ntsha bana ba Iseraele hara baditjhaba bao ba ileng ho bona, ke ba phuthe hohle, ke ba kgutlisetse naheng ya bona.


Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo!”


Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tsosa bafung jwaloka Jesu.


Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ