Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 29:27 - BIBELE

27 Jwale ke ka baka lang o sa kang wa kgalemela Jeremia wa Anatote ya ikentseng moporofeta wa lona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mme jwale, ha o a ka wa kgalemela keng Jeremia wa Anathothe ya ntseng a le porofetela?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 29:27
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:


Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng.


Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”


ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’


a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!”


Hoba ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laya hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu, ba nto ba lokolla.


Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.


le Anatote le makgulo a yona, le Alamone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ