Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 29:25 - BIBELE

25 ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: Kaha o ngoletse setjhaba sohle sa Jerusalema, wa ngolla le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, wa ngolla le baprista bohle, wa re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ekare ha o rometse mangolo ka lebitso la hao ho setjhaba kaofela se Jerusalema le ho Sofonnia, mora Maaseia, moprista, le ho baprista kaofela, a reng:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 29:25
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena.


Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re:


Mangolong ao Saneheribe a neng a a ngotse, o ne a nyefotse Morena Modimo wa Iseraele, a mo hanyeditse, a itse: “Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding e sa ka ya namolela ditjhaba tseo tsa yona matsohong a ka, le Modimo wa Hesekiya o ke ke wa namolela setjhaba sa hae matsohong a ka.”


Ho feta mona, mehleng eo mahosana a Juda a ile a ngolla Tobiya mangolo a mangata, le mangolo a Tobiya a fihla ho mahosana ao.


Ba ba ba mpolella mesebetsi ya Tobiya e metle, mme ba mmolella le dipolelo tsa ka. Tobiya a nna a nngolla, ho leka ho ntshosa.


Ka lekgetlo la bohlano Sanebalate a roma mohlanka wa hae ho ntlisetsa molaetsa o tshwanang le melaetsa ya pele, ka lengolo le sa kwalwang.


Ana ke mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a neng a le ngole a le Jerusalema, a le ngolla masalla a baholo ba setjhaba ba ileng ba thopuwa, le baprista le baporofeta le setjhaba sohle seo Nebukadenesare a neng a ile a se thopa Jerusalema, a se isa Babilona.


Moprista Sofonea a bala lengolo lena moo moporofeta Jeremia a ntseng a utlwa.


Kgosi Sedekiya a roma Jukale, mora wa Shelemiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, ho moporofeta Jeremia, a re: “Ako re rapelle ho Morena Modimo wa rona hle!”


Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.


A kopa mangolo a yang Damaseka, matlung a thapelo, e le hore ha a ka fumana bao e leng ba Tsela ena ya Bokreste, leha e le banna kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ