Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 29:20 - BIBELE

20 “Ka baka leo, lona bohle ba bothopuweng, bao ke ileng ka ba tlosa Jerusalema ka ba isa Babilona, mamelang mantswe a Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le mpeng le mamele lentswe la Jehova, lona, ba kgolehong kaofela, bao ke ba ntshitseng Jerusalema, ke ba isitse Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 29:20
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Baahi ba Juda ba thopilweng, bao ke ba ntshitseng naheng ena, ka ba isa naheng ya Bakalatiya, ke tla ba tadima ka mohau jwaloka feiye ena e ntle.


Ana ke mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a neng a le ngole a le Jerusalema, a le ngolla masalla a baholo ba setjhaba ba ileng ba thopuwa, le baprista le baporofeta le setjhaba sohle seo Nebukadenesare a neng a ile a se thopa Jerusalema, a se isa Babilona.


Le ile la ngolwa hoba batho bana ba tlohe Jerusalema, e leng kgosi Koniya, le mofumahadi, le matona, le mahosana a Juda le a Jerusalema, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le malala.


“Romela molaetsa ho bothopuwa bohle, o re: ‘Malebana le Shemaya ya tswang Nehelame, Morena o bua tjena: Kaha Shemaya a le porofetetse, empa ke ne ke sa mo roma, mme a etsa hore le tshepe leshano,


Ke tla le ntsha kahara motse ona, ke neelane ka lona matsohong a baditjhaba, mme ke le ahlole!


Tsamaya, o ye setjhabeng sa heno se bothopuweng, o yo bua le sona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena,’ ebang se a o mamela kapa ha se o mamele.”


Yaba ke fihla ho bathopuwa ba le Tele-Abibe, moo ba ahileng teng pela noka ya Kebare; ka phela moo le bona ka matsatsi a supileng, ke maketse!


Meneka, o bobole, wena Moradi wa Sione, o ke ya tshwerweng ke mahlaba a pelehi, jwale o tla tswa kahara motse, o tswe, o yo aha nahathothe. O tla tsamaya, o ye Babilona, ke hona moo o tla pholoswa teng, Morena o tla o lopolla o le hona moo, a o namolele matsohong a dira tsa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ