Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 29:17 - BIBELE

17 e, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore ba tshwane le feiye e bodileng hoo e ke keng ya jewa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke ya romela lerumo le tlala le lefu la sewa hara bona, ke ya ba etsa jwaloka difeiye tse bodila, tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 29:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.


Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, hore ba tle ba rohakwe, e be setsoto, le sekgobo, ba nyediswe ditjhabeng tseo ke ba leleketseng ho tsona.


“Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona.


Ha a fihla o tla otla naha ya Egepeta, a bolaye ba lokelang ho bolawa, a thope ba lokelang ho thopuwa, ba abetsweng sabole a ba bolaye ka sabole.


Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, selemong sona seo, ha tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela,


Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong.


Matsatsing ao ho tla ba madimabe baimana le batswetse. Tlokotsi e tla ba kgolo lefatsheng, le kgalefo ya Modimo setjhabeng sena.


Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ