Jeremia 28:14 - BIBELE14 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke beile joko ya tshepe hodima melala ya ditjhaba tsena tsohle, hore di tle di sebeletse Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Di tla mo sebeletsa, mme ke bile ke mo neile le diphoofolo tsa naha.’ ” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)14 Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke bea joko ya tshepe molaleng wa ditjhaba tseo tsohle, di tle di sebeletse Nebukadnesare, morena wa Babilona, mme di tla nne di mo sebeletse; ke mo neile le diphoofolo tsa naha. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.
Empa bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a neng a le matsohong a hao. Haeba o bona ho lokela hore o ye le nna Babilona, a re ye, mme ke tla o hlokomela haholo. Empa haeba o bona ho sa lokele ho ya le nna Babilona, le teng o ka itulela. Bona mona, o ka ikela hohle moo o ratang ho ya teng naheng ena eo o leng ho yona.”