Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 28:11 - BIBELE

11 Hananiya a bua moo setjhaba sohle se ntseng se le teng, a re: “Morena o bua tjena: ‘Ho eso fete dilemo tse pedi, joko ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, e melaleng ya ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka wona mokgwa ona.’ ” Yaba moporofeta Jeremia o a itsamaela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hanania a bolela pontsheng ya setjhaba kaofela, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke tla robakanya jwalo joko ya Nebukadnesare, morena wa Babilona, molaleng wa ditjhaba tsohle, dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe. Mme moporofeta Jeremia a ikela ka tsela ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 28:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: ‘Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi.’ ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano.


Kgosi ya Iseraele ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na nka futuhela Rama e Gileade kapa tjhe?” Ba re: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”


Sedekia, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: ‘Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame ho fihlela o ba timetsa.’ ”


Sutha pela sethoto, hobane ho sona tsebo ha e yo.


Jwale Morena a re ho nna: “Baporofeta ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke eso ka ke ba roma, kapa ho ba laela, leha e le ho bua le bona. Ba porofeta dipono tsa bohata, le bonohe ba leshano, le dintho tsa mafeela, le dithetso tse tswang dipelong tsa bona.”


Ho ba nnyedisang, baporofeta ba re ho bona: ‘Morena o boletse hore le tla phela ka kgotso;’ ho ba latelang pelo tsa bona tse manganga, ba re: ‘Ha ho na koduwa e tla le wela hodimo!’


Jwale moporofeta Jeremia a re ho moporofeta Hananiya: “Mamela mona, wena Hananiya! Morena ha a ya o roma, empa wena o etsa hore setjhaba sena se tshepe leshano!


Batho bana ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke a ba roma,’ ho rialo Morena.


Na ha le eso bone dipono tsa bohata, mme la porofeta bohata, ha le re: “Morena o re,” empa nna ke sa bua jwalo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ