Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 27:19 - BIBELE

19 “Morena wa mabotho o bua tjena malebana le ditshiya le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona le ditshehetso le thepa e setseng motseng ona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa ditshiya, le sa letsha, le sa didulo, le sa mafiso a mang a sa setseng motseng wona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 27:19
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Hirame a etsa tanka e tjhitja ka lethose le qhibidisitsweng. Botebo ba yona e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bolelele ba boahlamo ba yona e le dimethara tse nne le halofo, bolelele ba ho e potapota e le dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo.


Hirame a etsa dikariki tse leshome tsa lethose; bolelele ba kariki ka nngwe e le dimethara tse ka bang pedi, bophara e le dimethara tse ka bang pedi, bophahamo e le methara le halofo.


Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona.


Bophahamo ba tshiya e le nngwe e ne e le dimethara tse robedi. Kahodima yona ho ne ho ena le kotola ya lethose, bophahamo ba yona e ka ba methara le halofo. Moqhaka wa yona, le dikgarenate tse potapotileng kotola, kaofela di ne di entswe ka lethose. Le tshiya ya bobedi e ne e tshwana le ena ya pele ka mokgabiso.


Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.


Sera se nanabeditse letsoho la sona, sa le nanabetsa, sa nka maruo wohle a yona; Jerusalema e bone baditjhaba ba kena, ba kena ka Sehalalelong sa yona, bona bao o neng o laetse, o itse ba se kene phuthehong ya hao.


Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ