Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 27:14 - BIBELE

14 Ka baka leo, le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba ntseng ba le bolella, ba re: Ha le ka ke la sebeletsa morena wa Babilona, hobane ba le porofetela leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 27:14
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a re ho nna: “Baporofeta ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke eso ka ke ba roma, kapa ho ba laela, leha e le ho bua le bona. Ba porofeta dipono tsa bohata, le bonohe ba leshano, le dintho tsa mafeela, le dithetso tse tswang dipelong tsa bona.”


Baporofeta bana ha ke a ka ka ba roma, empa ba ile ba ya ba potlakile; ha ke eso ka ke bua le bona, empa bona ba porofetile.


“Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke lorile! Ke lorile!’


Jwale moporofeta Jeremia a re ho moporofeta Hananiya: “Mamela mona, wena Hananiya! Morena ha a ya o roma, empa wena o etsa hore setjhaba sena se tshepe leshano!


Ba kae jwale baporofeta ba hao, ba ileng ba o porofetela, ba re: ‘Kgosi ya Babilona ha e ka ke ya o futuhela, kapa ya futuhela naha ena?’


Basadi bohle ba setseng ka tlung ya kgosi ya Juda ba tla tliswa ho mahosana a kgosi ya Babilona; basadi bao ba tla re ho wena: “ ‘Metswalle ya hao eo kgelositse ya ba ya o hlola, metswalle ya hao eo e ne le letshepa la hao; maoto a hao a qahilwe tebetebeng, metswalle ya hao e o lahlile.’


Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa.


Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: ‘Ke porofeta hore veine ya lona e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo,’ eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!”


Dipolelo tsa medingwana ke tsa bohata, pono tsa bonwang ke dinohe ke tsa leshano, di bolela toro tse se nang nnete. Matshediso a dinohe tsena ha a na thuso; setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi, se tsielehile ke ho hloka modisa.


“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.


Hlokomelang dintjha tseno, hlokomelang bano ba etsang bokgopo, hlokomelang bano ba lebollo le se nang thuso.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ