Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:7 - BIBELE

7 “ ‘Empa ha le a ka la mamela,’ ho rialo Morena; ‘le mphepheditse, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme la ipitsetsa kotlo.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa ha le a ka la nkutlwa, ho bolela Jehova, e le hore le tle le mphephetse ka diketso tsa matsoho a lona, ke tle ke le hlahisetse bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:7
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba bona le ka baradi ba bona; ba sebedisa bonohe le boloi, ba etsa bokgopo mahlong a Morena, hore ba mo halefise.


hobane ba entse bobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisa ho tloha mohla bo-ntata bona ba tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno.’ ”


Le hoja Morena a ile a ba a romela baporofeta ho kgutlisetsa setjhaba ho yena, ha se a ka sa mamela.


“Leha ho le jwalo, ba se ke ba o mamela, ba se ke ba o mamela, ba o fetohela, Molao wa hao ba o siya morao; baporofeta ba hao bona ba ba bolaya, ha ba ba kgalemella ho ba busetsa ho wena; kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!


Ya sa mphumaneng o ipea kotsing, bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.”


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mamelang! Motse ona le metsana yohle e o potapotileng ke tla e dihela koduwa tseo ke di boletseng, hobane setjhaba sena se ile sa satalatsa melala ya sona, sa hana ho mamela dipolelo tsa ka.’ ”


Ka na ka bua le wena ha o no sa atlehile, yaba wena o re: ‘Nke ke be ka o mamela!’ Bona ke boitshwaro ba hao ho tloha botjheng ba hao, hore lentswe la ka o se ke wa le mamela.


“Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: ‘Kahobane ha le a ka la mamela lentswe la ka,


Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela,’ ho rialo Morena.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ka baka lang ha le itlisetsa koduwa e kaalekaale? Ke ka baka lang ha le ipolaela banna le basadi le bana ba lona ba masea naheng ee ya Juda, le sa itshiele le masalla feela?


Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena.


Ba mphepheditse ka hoo e seng Modimo, ba nkgalefisa ka medimo ya mafeela; ke tla ba phephetsa ka bao e seng setjhaba, ke ba halefise ka tjhaba se hloka kelello.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ