Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:6 - BIBELE

6 Le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, la e kgumamela; le se ke la mphephetsa, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme ha nka ke ka le hlokofatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa le ho e kgumamela, le se ke la mphephetsa ka diketso tsa matsoho a lona, mme etlaba ha ke na ho le hlahisetsa bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:6
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba morabe wa Juda ba sitelwa Morena. Ba halefisa Morena ka dibe tseo ba ileng ba di etsa, e leng tse fetang tsohle tseo bo-ntata bona ba ileng ba di etsa.


Ke bona bao Morena a neng a etse selekane le bona, mme a ba laela, a re: “Le se ke la hlompha medimo e meng, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, kapa ho e etsetsa mahlabelo.


Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.


“O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.


“Bana ba Iseraele le bana ba Juda ba entse bobe feela mahlong a ka ho tloha botjheng ba bona. Bana ba Iseraele ba nkgalefisitse ka mosebetsi wa matsoho a bona,” ho rialo Morena.


Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ka baka lang ha le itlisetsa koduwa e kaalekaale? Ke ka baka lang ha le ipolaela banna le basadi le bana ba lona ba masea naheng ee ya Juda, le sa itshiele le masalla feela?


Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona;


Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng;


Empa ke tla hauhela ba ntlo ya Juda, nna Morena Modimo wa bona, ke ba pholose. Ha nka ke ka ba pholosa ka seqha kapa sabole, kapa ka ntwa kapa dipere kapa bapalami.”


eba pontsho eo, kapa mohlolo oo, o a phethahala, mme a re ho lona: ‘A re lateleng medimo e meng, eo le sa kang la e tseba, re e sebeletse;’


O se ke wa kgeloha lentswe leha le le leng la mantswe ao ke o laelang wona kajeno. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, wa latela medimo e meng, wa e sebeletsa.”


O se ke wa latela medimo e meng, ya ditjhaba tse o potapotileng,


“Haeba le ka lebala Morena Modimo wa lona, la latela medimo e meng, la e sebeletsa, la e kgumamela, kajeno ke a le tiisetsa hore ruri le tla timela.


Haeba le ka furalla Morena, la sebeletsa medimo esele, o tla le fetohela, a le etse hampe, a le timetse, le hoja a kile a le etsa hantle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ